Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Obadia 1:3 - BIBELE

3 Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: ‘Ke mang ya ka ntheolelang tlase?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?

Ver Capítulo Copiar




Obadia 1:3
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.


Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Amasiya a imatlafatsa, mme a etella bahlabani ba hae pele ho ya fihla Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaela bahlabani ba Seire ba dikete tse leshome hona teng.


Setjhaba sa Juda sa thopa ba dikete tse leshome, sa ba hlwesetsa hodima lefika, sa ba dihela, mme bao ba suhlamana.


Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru,


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.


Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?”


“Kahoo Morena o bua tjena: Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Ruri Bakalatiya ba tla re tlohela.’ Ba ke ke ba le tlohela!


Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


Ho ya kang le ithorisang ka kgohlo tsa lona, le ithorisang ka kgohlo tsa lona tse manoni? Wena moradi ya hlokang botshepehi, wena ya tshepileng maruo a hae, ya reng: ‘Ke mang ya tla mphutuhela?’


Ka baka la ho nama ha kgwebo ya hao, pelo ya hao e ila tlala sehloho, yaba jwale wena o etsa sebe. Kahoo ka o leleka thabeng ya Modimo, ka o leleka ke ho silafala ha hao, ka o timetsa, wena kerubime e sireletsang, ka o tlosa hara majwe a phatsimang sa malakabe.


Baedomo ba ka nna ba re: “Leha re ripitlilwe, re tla boela re tsosa dithako tsa rona,” empa Morena wa mabotho o bua tjena: “Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa. Ba tla bitswa Naha e Kgopo, ba bitswe setjhaba seo Morena a se halefelang kamehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos