Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:8 - BIBELE

8 Moshe a re ho bona: “Nkemeleng, nke ke utlwe seo Morena a tla ntaela sona malebana le lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moshe a re ho bona: Emang, ke tle ke mamele seo Jehova a tlang ho ntaela sona bakeng sa lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:8
19 Referencias Cruzadas  

Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo.


O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.


Ba mo kenya tjhankaneng ho fihlela Modimo a ka ba tsebisa taelo ya hae.


Ba mo kenya tjhankaneng, hobane ho ne ho eso bolelwe hore na a etswe jwang.


Moshe a bea taba ya bona kapele ho Morena.


Banna bao ba re ho Moshe: “Re sesila ka baka la setopo sa motho e mong; ke ka baka lang re sa dumellweng ho etsa nyehelo ya Morena, ka nako ya yona, mmoho le bana ba Iseraele?”


Morena a bua ho Moshe, a re:


hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.


ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe,


Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos