Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:18 - BIBELE

18 Ka taelo ya Morena bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba hlome. Ka matsatsi wohle ha leru le ntse le kgurumeditse Tente ya Morena, ba ne ba ye ba dule diahelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ya Jehova. Ha leru le ne le ntse le dutse hodima tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:18
7 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.


Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.


Kamehla ho ne ho ye ho be jwalo, leru le kwahele Tente ya Morena, bosiu e be kganare ya mollo.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba boloke taelo ya Morena, ba se ke ba tswela pele leetong.


Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ka matsatsi a seng makae; ka taelo ya Morena ba ne ba ye ba dule diahelong, mme ka taelo ya Morena ebe ba tswela pele leetong.


Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle.


Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos