Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:13 - BIBELE

13 Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:13
24 Referencias Cruzadas  

Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


“ ‘Ka matsatsi a supileng le tla ja bohobe bo sa lomoswang. Ka letsatsi la pele le tla tlosa ditomoso matlung a lona, hobane motho ya tla ja bohobe bo lomositsweng, ka matsatsi ana a supileng, o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele.


Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona.


Setjhaba sohle sa Iseraele se tla etsa mokete ona.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa mmangwanae, o tlontlolotse rangwanae, mme yena le mmangwanae ba tla ahlolelwa molato wa bona, mme ba tla shwa ba se na bana.


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


Jwale o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang Modimo wa hae o tla ahlolelwa sebe seo sa hae,


Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.


Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.


Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae.’ ”


Banna bao ba re ho Moshe: “Re sesila ka baka la setopo sa motho e mong; ke ka baka lang re sa dumellweng ho etsa nyehelo ya Morena, ka nako ya yona, mmoho le bana ba Iseraele?”


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos