Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 7:13 - BIBELE

13 Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le nang le mashome e mararo; le morifi wa silefera, tse mashome a supileng, o leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;

Ver Capítulo Copiar




Numere 7:13
23 Referencias Cruzadas  

dikariki tse leshome le dikotlolo tse leshome, tse hodima tsona;


le dipitsa, le dikgarafu, le dikotlolo. Dintho tsena tsohle tsa Tempele ya Morena, tseo Hirame a ileng a di etsetsa kgosi Solomone, di ne di entswe ka lethose le hadimang.


Ka ba lekanyetsa silefera, le kgauta, le thepa, e leng tseo kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana a yona, le Baiserale bohle ba neng ba le teng moo, ba faneng ka tsona, e le nyehelo ya Tempele ya Modimo wa rona.


O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.


Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.


Ka kgauta e hlwekileng a etsa dijana tse tla bewa hodima tafole: mafiso, le mafiswana, le dinwelo, le mepotjwana e sebediswang ha ho nyehelwa.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.


Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.


“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,


Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.


Jwale ya nyehellang Morena a be a tlise le nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe;


Le kilo e le nngwe ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare o tutsweng, e le nyehelo ya dijo.


Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”


o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda.


Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.


Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo, le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.


Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae.


Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos