Numere 6:12 - BIBELE12 O tla ikabela Morena botjha, matsatsing ao a bokgethwa ba hae, a be a tlise nku e tona e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang molato. Empa matsatsi a pele ha a na ho ba le thuso, hobane bokgethwa ba hae bo ile ba silafatswa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 O tla boela a kgethele Jehova ditshiu tsa bonasari ba hae, mme o tla tlisa konyana e tona e lemo se le seng, e be sehlabelo sa molato; hobane matsatsi a fetileng a ke ke a balwa, hobane bonasari ba hae bo ile ba silafala. Ver Capítulo |
“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.