Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:23 - BIBELE

23 “ ‘Moprista o tla ngola dithohako tsena pampiring, ebe o di hlatswetsa ka metsing a letswai.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Moprista o tla ngola bukeng e nngwe dithohako tseo, a ntoo di hlakola ka metsi a babang;

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:23
14 Referencias Cruzadas  

le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.


“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!


Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke ya Davida,


Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Metsi ana a tlisang thohako a ke a kene ka maleng a hao, a hohomose mpa ya hao, o fetohe nyopa.” “ ‘Mosadi o tla re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!”


Jwale moprista a nwese mosadi eo metsi ao a letswai, a tlisang thohako, hore a kene ka maleng a hae, a mo lomise mala.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


“Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele.


Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos