Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:27 - BIBELE

27 Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:27
4 Referencias Cruzadas  

le masira a seotlwana, le lesira la monyako wa seotlwana se potapotileng Tente ya Morena, le aletare, le dikgwele tsa masira ao, le dijana tsohle tse sebeletsang. Tsohle tse lokelang ho etswa ka tsona ba tla di etsa.


Ona he, ke mosebetsi wa malapa a bara ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.


jwalokaha a ne a bolele ka molomo wa baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha kgalekgale.


Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos