Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:16 - BIBELE

16 “Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eleasare, mora Aarone, moprista, o tla hlahloba ole ya kandelare, le dibano tse nkgang hamonate, le sehlabelo sa kamehla, le ole ya setlolo, a hlahlobe tabernakele yohle, le tsohle tse ka ho yona, e leng tsa sehalalelo le mesebetsi ya sona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:16
20 Referencias Cruzadas  

le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate;


Morena a bua ho Moshe, a re:


le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”


A etsa ole e tlotsang, e halalelang, le mokubetso o monko o monate, jwalokaha ho etsa setsebi se tswakang ditlolo.


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole ya mohlwaare e hlwekileng, ya ho bonesa, hore lebone le tle le nne le tuke kamehla.


“Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona.


Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:


“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.


Re ke re tadingwe re le basebeletsi ba Kreste le baokamedi ba sebetsanang le diphiri tsa Modimo.


Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,


Ha ho le jwalo, bana beso ba halalelang, bao re nang le kabelo mmoho le lona pitsong ya lehodimo, tadimang moromuwa le Moprista e Moholo, Jesu, eo re mmolelang tumelong ya rona.


empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos