Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:12 - BIBELE

12 “Hape ba nke dijana tsohle tsa ho sebeletsa, tse ka Sehalalelong, ba di phuthele ka lesela le leputswa, le ka letlalo la qibi, ebe ba di bea hodima lempara la yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba tla nka mesebetsi yohle eo ho etswang tshebetso yohle ka yona sehalalelong; ba tla e phuthela leseleng la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba e bee hodima mejaro.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:12
16 Referencias Cruzadas  

Balevi ba bang ba ne ba hlokomela thepa e sebeletsang, ba e bale ha ba e tlisa ka Tempeleng, leha ba e kgutlisetsa polokelong.


Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko.


Hurame a bopa dipitsa, a etsa le dikgarafu le dikotlolo. Jwale yaba Hurame o qetile mosebetsi wa Tempele ya Modimo, oo a neng a o etsetsa kgosi Solomone.


le dipitsa, le dikgarafu, le difereko, le dintho tsohle tsa tsona. Dintho tsohle tseo Hurame a neng a di etseditse kgosi Solomone, bakeng sa Tempele ya Morena, e ne e le tsa lethose le phatsimang.


Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.


A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng.


matlalo a dipheleu a mafubedu ke mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane;


Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


le diaparo tse lohilweng, le diaparo tse halalelang tsa Arone, moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ha ba sebeletsa e le baprista;


Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.


“Hodima aletare ya kgauta ba ale lesela le leputswa, mme ba e kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.


“Ha ba se ba fietse molora o hodima aletare, ba ale lesela le perese hodima yona.


Ba e kwahele le ka letlalo la qibi, ba ale lesela le leputswa kahodimo, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.


“Hodima tafole e beang bohobe bo halalelang, ba ale lesela le leputswa, mme hodima lona ba bee mafiso, le mafiswana le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Bohobe ba nyehelo bo be hodima tafole.


“Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos