Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;
Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”
Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.
Ha a ema, lefatshe la sisinyeha, ha a tadima, merabe ya thothomela; dithaba tsa boholoholo tsa heleha, maralla a kgalekgale a batalla. Ditsela tsa hae ke tsa kamehla yohle.
Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.