Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:22 - BIBELE

22 naha eo e ineetse ho Morena, ebe kamorao ho moo le a kgutla, le tla hloka molato ho Morena, le ho Iseraele. Morena o tla le nea naha ena e be lefa la lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:22
17 Referencias Cruzadas  

Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


“Ha le fihla naheng ya Kanana, eo ke le neang yona hore e be ya lona, haeba nka otla ntlo, eo le tla aha ho yona, ka lepera,


mme mohlabani e mong le e mong wa lona a tshela Jorodane, moo Morena a ntseng a mmona, ho fihlela a lelekile dira tsa hae kapele ho yena,


Ha Morena a se a ahisitse bana babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba ena le naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neileng yona kamose wane ho Jorodane, ke hona he, e mong le e mong a ka kgutlelang naheng eo ke le neileng yona.’


Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”


Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele.


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.


Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos