Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:1 - BIBELE

1 Bara ba Rubene le bara ba Gade e ne e le barui ba mehlape e meholo ya dikgomo; ba lemoha hore naha ya Jarese le naha ya Gileade ke naha ya makgulo a matle a dikgomo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:1
30 Referencias Cruzadas  

Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.


Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente,


Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”


Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”


Ba tshela Jorodane, ba fihla ba hloma ka borwa ho Arowere, e leng motse o kahara kgohlo e lebaneng le Gade, ho ya fihla Jasere.


Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone.


Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo.


Letshwelehadi la meraberabe la ya le bona, le mehlape e mengata haholo ya dinku, le ya dikgomo.


Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda: “Le hoja ho nna o ka Gileade, o tshwana le tlhoro ya Lebanone, ruri ke tla o fetola lehwatata, ke o fetole metse e hloka baahi.


Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao.


Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise.


Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng?


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Moshe a romela dihlwela Jasere. Baiseraele ba hapa Jasere le metse e mathokong a yona, ba leleka Baamore ba neng ba ahile moo.


Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re:


Bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona, tsena di tla sala Gileade.


“Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone;


le Atarote-Shofane, le Jasere, le Jogeboha;


Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.’


Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;


Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


Le duletseng hara mehlape ya lona, le mametse makodilo a badisana? Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos