Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang.
Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.
“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.
Bonang, monna e mong wa bana ba Iseraele a tlisa mosadi wa Momidiane ho bana babo, moo Moshe a ntseng a bona, le moo setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se ntseng se bona, se ntse se lla se le monyakong wa Tente ya Morena.
Yaba Moshe o bua ho setjhaba, o re: “Hlomellang bahlabani ba lona ba ye ntweng, ba futuhele Bamidiane ho phethahatswe boiphetetso ba Morena ho Bamidiane.
Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.
hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.
Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.
hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”
Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”
Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.”
Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.