Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 30:8 - BIBELE

8 Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 30:8
10 Referencias Cruzadas  

A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”


Yaba basadi ba re: “Ha re ne re tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, re mo etsetsa nyehelo ya dino, banna ba rona ba ne ba tseba hore re etsa dikuku tse nang le setshwano sa hae, re mo etsetsa le nyehelo ya dino!”


“ ‘Ha motho a hlapanyetsa bobe kapa botle a sa imamela hantle, e ka ba eng kapa eng eo a e hlapanyetsang, feela a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato wa e nngwe ya dintho tsena.


Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.


mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha.


“Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.


eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.


Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae.


Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos