Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 29:8 - BIBELE

8 Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.

Ver Capítulo Copiar




Numere 29:8
8 Referencias Cruzadas  

“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.


Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana, le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e le nngwe;


Haeba matsibolo a ena le sepha sa ho hlotsa, kapa sa ho foufala, kapa a ena le sepha sefe kapa sefe, o se ke wa etsetsa Morena Modimo wa hao sehlabelo ka wona.


“Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos