Numere 28:9 - BIBELE9 “ ‘Ka letsatsi la Sabatha o tla nyehela ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, le ka dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le tsona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Ka tsatsi la Sabatha, le tla hlaba konyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, tse se nang sekodi; le tla hlahisa nyehelo ya boshome ba bobedi ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, le yona tshelo ya yona. Ver Capítulo |
Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.