Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:19 - BIBELE

19 o mo ise kapele ho moprista Eleasare, le kapele ho setjhaba sohle, o mo nee ditaelo moo se ntseng se bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:19
12 Referencias Cruzadas  

O mo abele a mang a matla a hao, e le hore setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tle se mo mamele.


Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.’


Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”


Ke Morena Modimo wa lona, ya tla tshela a le eteletse pele. O tla timetsa ditjhaba tsena tse kapele ho lona, le hape naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla tshela a le eteletse pele, jwalokaha Morena a buile.


Le be le re ho Arekipose: “Hlokomela ho phetha mosebetsi wa Morena, oo o o abetsweng.”


Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos