Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.
Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle.
“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.