25 Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae.
25 Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.
Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”
“Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.”
Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe.
Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.
E mong wa ba bolailweng ke bana ba Iseraele ka sabole e ne e le Bileame wa senohe, mora wa Beore.