Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:22 - BIBELE

22 Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:22
14 Referencias Cruzadas  

Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke itlotlisa ka Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.”


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.


Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura.


A romela maqosa naheng ya Baamone, ho ya bitsa Bileame, mora wa Beore, ya neng a le Petore e pela Noka a re: “Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta, se pupeditse naha yohle; se ahile pela ka.


“Modimo ya mo ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare. O tla hlola ditjhaba, e leng dira tsa hae, a bjabjaretse masapo a tsona, a ba bolaye ka metsu ya diqha tsa hae.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’


Re utlwile kamoo Morena a neng a pshese metsi a Lewatle la Lehlaka kapele ho lona kateng, ha le ne le etswa Egepeta. Re utlwile le seo le neng le se etse ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone le Oge, bao le neng le ba ripitle ho hang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos