Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:32 - BIBELE

32 Lengeloi la Morena la re ho yena: “Ke hobaneng ha o shapile tonki ya hao ka makgetlo a mararo? Bona mona, ke tlile ho tla o thibela, hobane, tsela ya hao e isa timelong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Lengeloi la Jehova la re ho yena: Ke ka baka lang ha o se o otlile esele ya hao hararo na? Bona, ke tlile ho o lwantsha, hobane ho nna tsela ya hao ke e isang tahlehong.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:32
19 Referencias Cruzadas  

Morena o molemo ho bohle, lerato la hae le aparela mesebetsi yohle ya hae.


O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona, le madinyane a makgwaba ka tseo a di llelang.


Morena, mohau wa hao o fihla mahodimong, botshepehi ba hao bo fihla marung,


Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena.


Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae.


Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela.


Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana.


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”


Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi.


Morena a etsa hore tonki e bue, mme ya re ho Bileame: “Ke o senyeditse eng, ha e le moo u ntjhapile hararo tjee?”


Tonki e ile ya mpona, mme ka makgetlo a mararo ya nkwekwetla. Hojane ya se ke ya nkwekwetla, ruri hona jwale nka be ke se ke o bolaile, empa yona nka be ke e babaletse.”


Lengeloi la Morena la re ho Bileame: “Tsamaya le banna bana, feela o yo bolela seo ke tla o bolella sona.” Bileame a tsamaya le mahosana a Balake.


“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?


hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.


“E polang o se ke wa e tlama molomo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos