Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:18 - BIBELE

18 Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Balaame a araba, a re ho bahlanka ba Balake: Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka etsa letho leha le le leng, le lenyenyane leha e le le leholo, le tlolang taelo ya Jehova, Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:18
14 Referencias Cruzadas  

Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera;


Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang.


Jwale le lona ke a le rapela; robaletsang mona bosiung bona, hore ke tle ke tsebe seo Morena a ntaelang sona hape.”


Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”


Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.


Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”


Bileame a re ho Balake: “Na ha ke a ka ka bolella maqosa ao o neng o a romile, ka re:


‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”


Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos