Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:8 - BIBELE

8 Morena a re ho Moshe: “Bopa noha e mahloko, o e fanyehe sefateng. E mong le e mong ya lomilweng, ha a e tadima o tla fola.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Jehova o re ho Moshe: Etsa noha e tjhesang, o e fanyehe sefateng; e mong le e mong ya lomilweng, ya tlang ho e tadima, o tla phela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:8
7 Referencias Cruzadas  

A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.


Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau.


Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos