Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:34 - BIBELE

34 Morena a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba, hobane yena, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke nehelane ka yena matsohong a hao. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yaba Jehova o re ho Moshe: O se ke wa mo tshaba; hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae; o tla mo etsa jwalokaha o entse Sihone, morena wa Baamore ya neng a ahile Heshbone.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:34
24 Referencias Cruzadas  

Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”


Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: ‘Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Mahlong a Morena hona ke ntho e nyenyane, hobane Morena o tla neelana ka Bamoabe matsohong a lona.


hoba ke nna Morena, Morena Modimo wa hao, ya utlang tsoho la hao le letona, ya reng: ‘Se tshabe, nna ke tla o thusa.’


Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”


tseo Morena a di hapileng ha setjhaba sa Iseraele se ntse se tswela pele, ke naha ya makgulo a dikgomo, mme rona, bahlanka ba hao, re na le dikgomo.”


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


a re ho bona: ‘Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.


“Jwale ra thinya, ra nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Ederei.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.”


“Le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ditjhaba tsena di ngata ho re feta; re ke ke ra tseba ho di leleka.’


Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;


“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.


O tla neelana ka dikgosi tsa ditjhaba tseo matsohong a lona, mme le tla timetsa mabitso a tsona lefatsheng. Ha ho motho ya ka le emang kapele, ho fihlela le di timeditse tsohle.


Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.”


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona.


Jafeta a etsetsa Morena kano, a re: “Haeba ruri o ka neelana ka Baamone matsohong a ka,


Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos