Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:30 - BIBELE

30 “Re ba timeditse ho hang, ho tloha Heshebone ho ya fihla Dibone, ra ba nanaola ho ya fihla Nofa, Kgabo ya laima ho ya fihla Medeba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:30
13 Referencias Cruzadas  

Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa, ba diqha ba a mo phephetsa,


Ba diqha, ba le hodima lerako, ba fula bahlanka ba hao, mme ba bang ba bahlanka ba kgosi ba ile ba bolawa; le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.”


Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana.


Morena a thwathwaretsa, a thwatharetsa a le mahodimong, Ya Hodimodimo a utlwahatsa lentswe la hae;


Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.


Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya.


“Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.


ya fihla Dibone, Nebo le Bete-Dibelataime,


Ka mokgwa ona Baiseraele ba aha naheng ya Baamore.


“Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone;


Bara ba Gade ba haha metse ya Dibone, le Atarote, le Arowere;


le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,


Ho tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motse o kahara kgohlo, le phula yohle e tlohang Medeba ho ya fihla Dibone;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos