Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:26 - BIBELE

26 Heshebone e ne e le motsemoholo wa Sihone, kgosi ya Baamore. Ke yena Sihone ya neng a lwantshe kgosi ya pele ya Moabe, a hapa naha yohle ya kgosi eo ho ya fihla Arenone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane Heshbone e ne e le motse wa Sihone, morena wa Baamore. Sihone o ne a lwane le morena wa Moabe ya neng a le teng pele, o ne a mo amohe naha ya hae yohle ho isa Arnone.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:26
13 Referencias Cruzadas  

Molala wa hao o ka tora ya manaka a tlou, mahlo a hao a ka matshana a Heshebone, a pela monyako wa motse, motse oo o moholo. Nko ya hao e ka tora ya Lebanone, tora e lebileng ka nqeng ya Damaseka.


Hlooho ya hao e phahame sa Thaba ya Karamele, moriri wa hao o benya sa lesela le perese, lenyetse la hao le hapile pelo ya kgosi.


Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise.


Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.


“Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.


Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba aha metseng yohle ya Baamone, e leng Heshebone le metsana e mathokong a yona.


Ke ka hona baroki ba reng: “Lona, tloong Heshebone! Ho hahwe motse wa Sihone, o tiye.


Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei,


Moedi wa bona o ne o tloha Arowere e lebopong la noka ya Arenone, le motseng o kahara kgohlo, le phula yohle e pela Medeba,


le Heshebone, le metse yohle ya yona e phuleng: Dibone, le Bamote-Baale, le Bete-Baale-Meone,


Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;


le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene.


Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos