Numere 18:9 - BIBELE9 “Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao. Ver Capítulo |
Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.