Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:11 - BIBELE

11 “Tsena e tla ba tsa hao: mpho ya bona ya nyehelo e phahamiswang, le nyehelo tsohle tse akgotswang tsa bana ba Iseraele. Ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao, e le molao wa mehla yohle. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape, tse tlang ho ba tsa hao ke dikabelo tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisa ka ho di emisa le ka ho di tsokotsa ka nqa tsohle; tseo ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, ka molao o sa feleng. E mong le e mong ya hlwekileng tlung ya hao o tla di ja.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:11
10 Referencias Cruzadas  

“Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.


E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho.


Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.


Le di jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa. Motho e mong le e mong e motona a ka di ja. Ho wena di a halalela.


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.


“Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos