Ena ke kakaretsa ya dintho tsa Leaho, tse ileng tsa bokellwa, tsa Leaho la areka e kentseng matlapa a ngotseng Molao. Dintho tsena di ile tsa bokellwa ka taelo ya Moshe, ke Balevi, ba le taolong ya Itamare, mora wa moprista Arone.
O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.
Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”
Moshe a bua le bana ba Iseraele, mme mahosana wohle a bona a mo nea melamu ya wona; kgosana kanngwe molamu o le mong, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le melamu e leshome le metso e mmedi. Molamu wa Arone o ne o le teng kahara melamu ya bona.
O tlise le bana beno, ba morabe wa Levi, e leng morabe wa bo-ntatao; o ba atametse pela hao, ba tle ba o thuse, ba o sebeletse kapele ho Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.
Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.
“Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.