Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:39 - BIBELE

39 Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Tjellane eo e rokilweng, etlere ha le e tadima, le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova, le di etse; le ke ke la batla tsa boithatelo ba dipelo tsa lona le ba mahlo a lona, kamoo bo ntseng bo le febisa kateng;

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:39
21 Referencias Cruzadas  

Ka lona letsatsi leo la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, e leng kgwedi eo a neng a ikgethetse yona ka ho rata, a nyehella hodima aletare eo a e hahileng Bethele. A etsetsa bana ba Iseraele mokete; a nyehella hodima aletare, a tjhesa mokubetso.


Haeba mehato ya ka e kgelohile tseleng, eba pelo ya ka e hohetswe ke mahlo a ka, eba manothoko a nkgomaretse matsohong;


Ba itshilafatsa ka mesebetsi eo ya bona, ka ketso tseo tsa bona ba kwenehela Morena.


Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.


Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.


Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


“Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.


“Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: ‘Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana.’


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


“Itlhokomeleng, esere la lebala Morena Modimo wa lona, ka ho se boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno;


yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng.


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos