Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:21 - BIBELE

21 Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:21
8 Referencias Cruzadas  

Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.


Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.


Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.”


Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong.


“ ‘Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;


“Hape bolella Balevi, o re ho bona: ‘Ha le nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho bana ba Iseraele, eo ke le neang yona e le lefa le tswang ho bona, le etsetse Morena nyehelo ka karolo e le nngwe ho tse leshome, e tswang karolong eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos