Numere 14:9 - BIBELE9 Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba. Ver Capítulo |
Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”