Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:34 - BIBELE

34 Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:34
26 Referencias Cruzadas  

“Ho bokwe Morena, ya neileng setjhaba sa hae sa Iseraele phomolo, jwalokaha a ne a tshepise. Ha ho tshepiso le e nngwe ya ditshepiso tseo a neng a di etse ka Moshe, mohlanka wa hae, e sa phethahalang.


E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka.


“Na Morena o ntahletse ruri, ha a sa tla hlola a kgahlwa ke nna?


Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”


Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng.


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.”


O tla jara makgopo ana a bona ka matsatsi a makgolo a mararo le mashome a robong, e leng a lekanang le palo ya dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. Ka mokgwa o jwalo o tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele.


“Ha o se o qetile matsatsi ana, o tla boela o paqama hape ka lehlakore la letsoho le letona, o jare bokgopo ba ntlo ya Juda ka matsatsi a mashome a mane. Letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng sa dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona.


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao, kapa tsa rakgadia hao, hobane ho etsa jwalo ke ho kopanya madi a le mang. Ya etsang jwalo o tla jara bokgopo ba hae.


Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle.


Kamora matsatsi a mashome a mane, ba kgutla ho tswa hlwela naha eo.


Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa.


“Jwale kgalefo ya Morena ya tlokomela Iseraele, mme a ba lelerisa lehwatateng ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ho fediswa moloko wohle o neng o etse bokgopo moo Morena a ntseng a bona.


Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.


“Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.


Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.


“Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos