Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:17 - BIBELE

17 Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, a re ho bona; Le kene ho yona ka nqa borwa, mme le hlwelle dithabeng,

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:17
16 Referencias Cruzadas  

Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa.


Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa.


Ema, o tsamaye le naha eo ka bonamo ba yona, hobane ke tla o nea yona.”


A nna a tswela pele maetong a hae ho tloha borwa ho ya Bethele, le ho ya fihla sebakeng seo a neng a hlomile ditente tsa hae mehleng ya pele, pakeng tsa Bethele le Ai,


Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.


Le shebe hore na naha e jwang, le hore na batho ba ahileng ho yona ba matla kapa ba a fokola, le hore na ba bangata kapa ha ba bakae.


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”


Baamore ba ahileng naheng eo e maralla ba ile ba le futuhela jwaloka sekgakgatha sa dinotshi, ba le leleka, ba le etsa mofela, ho tloha Seire ho ya fihla Horema.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Ho tloha moo o lebe ka borwa ho moepa wa Akarabime, o fetele Sine, o yo nyoloha ka borwa ho Kadeshe-Barenea, o fete pela Heserone, o nyolohele Adare, o nto thinyetsa Karaka.


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase.


Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.


Kamora moo, bana ba Juda ba theoha ho ya lwantsha Bakanana, e leng baahi ba naha e maralla, le ya Negebe, le e diphuleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos