Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:2 - BIBELE

2 Setjhaba sa llela Moshe, yaba Moshe o rapela Morena, mme mollo wa kokobela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba setjhaba se howeletsa ho Moshe, mme Moshe a rapela Jehova, mme mollo wa tima.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:2
23 Referencias Cruzadas  

Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.


Moshe a tloha ho Faro, a ya rapela Morena.


Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang. Morena Modimo wa hao, o tla mo kgalemella dipolelo tseo a di utlwileng. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”


ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.


Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”


Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.


Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.”


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos