Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:6 - BIBELE

6 Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Esdrase a boka Jehova, Modimo o moholo; mme setjhaba kaofela sa araba, sa re: Amen! Amen! se emiseditse matsoho hodimo; ba boela ba inama; ba kgumama pela Jehova, ba kobotetse fatshe.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:6
30 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;


Yaba monna eo o a inama, o kgumamela Morena,


Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”


Davida a rorisa Morena moo setjhaba sohle se leng teng, a re: “Kamehla le mehla ho roriswe wena, Morena Modimo wa ntata rona, wa ntata rona Iseraele.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela.


Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Yaba kgosi e re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya phethahaditseng seo a neng a se tshepise Davida, ntate, a re:


Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Phahamisang matsoho a lona, le a phahamisetse Sehalalelong, le boke Morena.


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa.


Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle.


le tle le re: ‘Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.’ ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.


Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.


Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano.


A re phahamiseng dipelo le matsoho a rona, re di phahamisetse ho Modimo, Modimo ya mahodimong, re re:


Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos