Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:73 - BIBELE

73 Baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le karolo e nngwe ya setjhaba, le basebeletsi ba Tempele, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Ha kgwedi ya bosupa e thwasa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

73 Jwale baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le bao e leng batho feela, le Banethinime, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Eitse ha ho thwasa kgwedi ya bosupa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:73
7 Referencias Cruzadas  

Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”


Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.


Baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, ba boela ba aha metseng ya bona, mme Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Ka kgwedi ya bosupa, ha bana ba Iseraele ba se ba tsitsitse metseng ya bona, setjhaba sa kgobokanela Jerusalema, ka kgopolo e le nngwe.


Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.


Setjhaba sona sa fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e robedi, le silefera e etsang boima ba dikilo tse lekgolo le mashome a mane, le diaparo tsa boprista tse mashome a tsheletseng a metso e supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos