Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:16 - BIBELE

16 Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eitse ha dira tsohle tsa rona di utlwa, tjhaba tsohle tse re teetseng hare tsa tshoha, mme tsa nyahama dipelo; tsa tseba hoba mosebetsi oo o entswe ke Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:16
16 Referencias Cruzadas  

Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.


Ha Sanebalate a utlwa hore re tsosa lerako, a kgobohelwa, a halefa, a soma Bajuda.


Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo.


Ho feta mona, mehleng eo mahosana a Juda a ile a ngolla Tobiya mangolo a mangata, le mangolo a Tobiya a fihla ho mahosana ao.


ba tle ba tsebe hore hona ho entswe ke wena, ke mosebetsi wa matsoho a hao, matsoho a hao wena Morena.


Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.”


Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao.


Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe.


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.


Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: ‘Modimo o sebeditse hakaakang!’


Jwale ke re ho lona: Kgaohanang le banna bana, le ba lese. Hobane haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o tla senyeha,


Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.


A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos