Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:16 - BIBELE

16 Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hapehape, ka sebetsa mosebetsi wa lerako leo ka matla, mme ha re a ka ra rua masimo; le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba bokelletswe mosebetsi.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:16
11 Referencias Cruzadas  

Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.


Ke ne ke eja le Bajuda, le babusi ba lekgolo le mashome a mahlano, ke sa bolele ba neng ba re etetse, ba etswa ditjhabeng tse neng di re potapotile.


Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos