Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:6 - BIBELE

6 Yaba re ntse re haha lerako, la ba la fihla halofong ya bophahamo ba lona, hobane setjhaba seo se ne se hlile se ikemiseditse ho haha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:6
13 Referencias Cruzadas  

“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


Hesekiya a nyakalla, le setjhaba sohle sa nyakalla, ka baka la seo Modimo a ileng a se etsetsa setjhaba sa hae, le hona ka potlako.


O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”


Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso a mehlano la kgwedi ya Lwetse, ba qeta ho haha lerako. Le ne le nkile matsatsi a mashome a mahlano a metso e mmedi, le ntse le hahuwa.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Jerusalema e hahilwe e le motse, tsohle tsa wona di teteane hamonate.


Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos