Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 10:36 - BIBELE

36 “Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 le matsibolo a bara ba rona le a dikgomo tsa rona, kamoo ho ngodilweng kateng molaong; le ho tlisa tlung ya Modimo wa rona, ho baprista ba etsang tshebeletso tlung ya Modimo wa rona, matsibolo a dikgomo tsa rona le a dinku tsa rona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 10:36
14 Referencias Cruzadas  

Hoba taelo ena e anele hohle, bana ba Iseraele ba tlisa dilopotsiya tsa koro, le tsa veine, le tsa ole, le tsa mahe a dinotshi, le dilopotsiya tsa tsohle tse tswang masimong. Ba tlisa le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tsa bona, mme ba di tlisa ka bongata.


Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.


O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista.


“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”


“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao. “O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


“Matsibolo wohle ke a ka; le diphoofolo tsa hao tsohle tse tona, tseo e leng matsibolo a dikgomo kapa a dinku.


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos