Nehemia 10:3 - BIBELE3 le Pashahure, le Amariya, le Malakiya, Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Pashkure, Amaria, Malkija, Ver Capítulo |
Bana babo bona, ba neng ba sebeletsa ka Tempeleng, ba ne ba le makgolo a robedi le mashome a mabedi a metso e mmedi. Hape e ne e le Adaya, ya tswetsweng ke Jerohame, Jerohame ya tswetsweng ka Pelaleya, Pelaleya ya tswetsweng ke Amasi, Amasi ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Pashahure, Pashahure ya tswetsweng ke Malakiya.
Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao o ne a eme hodima sethala se entsweng ka lehong, se etseditswe morero oo. Ka letsohong le letona la hae, ho ne ho eme Matiteya, le Shema, le Anaya, le Uriya, le Hilekiya, le Maasiya; ka letsohong le hae le letshehadi ho eme Pedaya, le Mishaele, le Malakiya, le Hashume, le Hashebadana, le Sekariya, le Meshulame.