Moeklesia 9:3 - BIBELE3 Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu. Ver Capítulo |