Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 7:4 - BIBELE

4 Pelo tsa bahlalefi di lapeng la bofifi, pelo tsa dithoto di lapeng la menyanyako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Pelo ya ba hlalefileng e rata ho ba teng ka tlung ya bofifi, athe pelo ya mawatla e rata ka tlung ya thabo.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 7:4
21 Referencias Cruzadas  

Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”


Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.


Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.


Maswabi a molemo ho feta ditsheho; pelo e ka thaba fahleho se ntse se swabile.


Ho molemo ho mamela kgalemo ya mohlalefi, ho ena le ho mamela pina ya dithoto.


Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.


Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Mohla mokete wa kgosi ya rona, ba tahisa mahosana, ba a nwesa veine, kgosi e etsise basomi ka ho nwa.


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos