Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 4:1 - BIBELE

1 Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 4:1
51 Referencias Cruzadas  

Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.


“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.


Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.


Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?


e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?”


Ha moya wa ka o imetswe, wena o tseba tsela ya ka. Tseleng eo ke tsamayang ho yona ba ntjhehetse sefi.


Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?


Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang.


Wena o tseba sekgobo sa ka, le dihlong tsa ka, le ho tlontlollwa ha ka; ba ntwantshang o ba tseba kaofela.


Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana.


Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?


ya re: “Ha le belehisa basadi ba Baheberu, le hlahlobe bana; ha e le wa moshanyana le mmolaye, ha e le wa ngwanana le mo tlohele a phele.”


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


Mofutsana o hlouwa le ke ba habo, metswalle ya hae yona e mo kgesa hakaakang! Leha a re o ipiletsa ho bona, ha ho moo a ba bonang teng.


Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo.


Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,


Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo.


Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.


Mohlalefi wa mohatelli o a thotofala, tjotjo yona e senya pelo ya motho.


Tsena tsohle ke ile ka di elellwa, ha ke ntse ke nahana dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Ka hlokomela kamoo motho e mong a iketsang mmampodi kateng hodima ba bang, mme a ba hlokofatsa.


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso.


Ha ho ya tla fepa le ho tshedisa ya llelang bafu, leha e le ya llelang ntatae kapa mmae. Ha ho ya tla ba nea ho nowang ho ba tshedisa.


“Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.”


Sione e phakaladitse matsoho a yona, empa ya ka e tshedisang yena ha a yo. Malebana le Jakobo, Morena o entse taelo: Dira tsa hae di mo etsetse sakana-la-nkope. Jerusalema e fetohile manyala, Jerusalema e silafetse.


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”


“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.


Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona.


Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona.


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos