Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 3:1 - BIBELE

1 Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, mme nako e teng ya tsohle tse etswang tlasa letsatsi:

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 3:1
12 Referencias Cruzadas  

Empa Elisha a re ho yena: “Ha o tsebe hore ke ne ke ntse ke tsamaya le wena ka moya, ha monna elwa a theoha kariking ya hae ya ntwa, a o kgahlanyetsa? Na nako ee ke ya ho amohela tjhelete, le ya ho amohela diaparo, le meru ya mohlwaare, le dirapa tsa morara, le dinku, le dipholo, le bahlanka, le makgabunyane?


Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.


Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata.


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.


Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”


Mohla tsatsi la thabo nyakalla le wena, mohla tsatsi la mahlonoko ako hopole sena: Matsatsi ana, bobedi, a entswe ke Modimo; kahoo tsa kamoso motho a ke ke a di tseba.


Teng ba tla howeletsa, ba re: ‘Faro, kgosi ya Egepeta, o shwahla haholo; menyetla ya hae e se e mo fetile.’


Hoseng le re: ‘Kajeno ho tla ba le sefefo, hobane lehodimo le bofubedu bo lefifi.’ Le tseba ho hlalosa sebopeho sa lehodimo; athe le sitwa ho hlalosa ditshupo tsa dinako tsee!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos