2 Pelo ya ya bohlale e sekamela ho lokeng, pelo ya ya sethoto e sekamela bokgopong.
2 Pelo ya ya bohlale e letsohong la hae le letona, empa pelo ya lewatla e ho le letshehadi;
Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.
Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.
Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?
Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona.
Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang?
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi.
Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.
Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo.