Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 3:1 - BIBELE

1 Yaba ke re: “Lona baetapele ba Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Na toka ha le a tshwanela ho e tseba?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke itse: Utlwang he, lona dihlooho tsa Jakobo, lona marena a ntlo ya Iseraele; na hase lona le tshwanetseng ho tseba se lokileng,

Ver Capítulo Copiar




Mikea 3:1
21 Referencias Cruzadas  

Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena?


Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona!


hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?


Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape.


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


“Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.


Lona basadi ba Samaria, mamelang mona! Lona ba kang tswetse tsa Bashane, tswetse tse alohelang thabeng ya Samaria; lona ba hatellang mafutsana, le ripitle bahloki, lona ba reng ho banna ba lona: “Tlisang jwala, re nwe!”


Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona!


Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”


Ke rialo hore le hlajwe ke dihlong! Na ha ho le ya mong ya bohlale hara lona, ya ka tsebang ho ahlola ditsekisanong tsa badumedi?


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos