Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:48 - BIBELE

48 Ha ho le jwalo, phethehang jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

48 Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

48 Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:48
25 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


“Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete, yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena.


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


“Bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: ‘Le halalele, hobane nna, Morena Modimo wa lona, ke a halalela.


“ ‘Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?


Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.”


Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; e mong le e mong ya rutehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.


Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.


Wena o tshepahale ka ho tlala ho Morena Modimo wa hao.”


Ka baka lena, le tla mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, le phethe melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno.”


Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.


Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.


Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho.


Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos